NG Kerk in Afrika

BoMme / Vrouegebedsbond

Mosebetsi wa MMMF phuthehong ya MAKONG

 dsc08528

Re le mokgatlo re bokella tjhelete ka mokgwa ona:

1)  Feresekoto se potiswa diveiking se kgutle le tjhelete hoya moo bomme ba ntshitseng ka teng.

 

2)  Botlolo ya 2 liter Coke e tlala ka mora kgwedi tse 6 ke R 1000.  Ke bomme ba Labone.

 

3)  Bomme ba sebedisa Leisi ha bana le motjekelo wa lehae.  Setho ka seng e ba R 40.  Tjhelete yohle e tshelwa ka omfolopong e nto bewa tafoleng.  Empa selemong sena re bile le emfolopo ya mohlolo, e bile mose wa ngwana o neng o tshetse dikete tse tsheletseng R 6000.00 mme mose oo ona wa rekiswa ka R 15.00 tjhelete ya  letsatsi leo e bile e kopane le ya diphutheho tsa selekane e bile R 16 749.00.  Re leboha Ntate Modimo ka tshebetso eo e matla hara bofutsana, bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.  Empa o re thusitse ho fihlela mona.