NG Kerk in Afrika

BoNtate / Mannebond

KAPESO TSA BONTATE BA TSHEBETSO – NGKA BATHO (BLOEMFONTEIN)

 batho

Ka la 02 Lwetse 2007 histori e ile ya etswa Phuthehong ya NGKA – Batho (Bloemfontein), ha ho ne ho apeswa Mokgatlo wa Bontate ba Tshebetso. Mokete ona e bile histori ka ha ene ele kgetlo la ho qala Phutheho e theha mokgatlo o jwalo ka hare ho Kereke.

 

Mokgatlo wa Bontate ba Tshebetso, ke mokgatlo o tlwaetsweng ho bitswa “Manne Bond”. Ka tsatsi leo ho ilwe ha apeswa bontate ba mashome a mabedi a metso e mehlano (25) ka hare ho bontate bana ho ne ho bile ho apeswa Moruti T.A. Lerumo eleng Moruti wa Phutheho ya NGKA – Batho, ha mmoho le bara ba hae ba babedi.

 

Mosebetsi wa dikapeso o ile wa tshwarwa ke Moruti L.F.T. Semanamana wa Phutheho ya NGKA – Phahameng (Bloemfontein). Molaetsa wa letsatsi o badilwe ho Mattheu 20: 1 – 15 mme a itshetleha temaneng ya 7 ka mantswe ana; “Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya merara mme ke tla le nea se le loketseng”.

 

Ka mora dikapeso Moruti Semanamana o ile a fa Bontate ba Mokgatlo wa Tshebetso mantswe a kgothatso, ho tswa ho Bafilipi 2: 14 e balehang ka mantswe ana; “Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa dikadike”.

 

E bile thabo e kgolo ka hare ho Phutheho ya NGKA -Batho sena se totobaditswe ke dithoko tse ileng tsa binwa ho rorisa Jehova ka mohau oo a o fileng phutheho, hore le bona e be dipaki pela Hae ha mosebetsi o jwana o phethahala matsatsing a ho phela ha bona.

 

Ditho tsa Mokgatlo wa Bontate wa Phutheho ya Phahameng (Bloemfontein) o bile teng ho tshehetsa badumedi mmoho le bona motsotsong ona wa boitlamo. Sena se ne se pakahatsa bonngwe ba Kereke le kopano ya Bo-Kreste.

 

Mongodi:       Tshediso Lerumo

                        Modula-setulo: Bontate ba Tshebetso – NGKA Batho